MATSHWAO: 120
Memorandamo ona o na le maqephe a 9.
PAMPIRI YA 1 (P1)
MEMORANDAMO
KEREITE YA 12
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
TEMA YA 1
Ke ha ba utlwa ho kokotwa monyako.
E ne e le monnamoholo e mo kgutshwane.
A/C =bitsa/hwehla
B/C = hweshetsa/ipua
Mafosio ile a mo fa tjheletenyana.
Yena o ne a shapuwe ho feta ba bang.
Tjhe ha o a amoheleha ho hang, Mmuso o phatladitse masedinyaneng, dithelevishineng le dibukaneng tsa molao wa motheo hore bana ha ba sa lokelwa ke ho shapuwa dikolong. (Maikutlo a mohlahlobuwa a amohelehe a tshehetsang karabo ya 'tjhe')
Tjhe, hobane o senyehetswe ke nako ya ho ithuta ha bana ba bang ba ne ba ithuta.
E, titjhere e ke ke ya hlola e mo shapa ho feta ba bang hoba ntatae o ile sekolong ho ya tletleba. (Kgetha karabo e le nngwe feela) (Ho amohelwe maikutlo a moithuti a tshehetsang karabo).
C = Ha se nnete hore ngwana eo o shapuwe ho feta ba bang.
TEMA YA 2
Sepeiti/tjhupu e hulang moriana
Motshwayi a kgethe karabo eo mohlahlobuwa a e ngotseng Kgetha tse pedi feela
Mokedikedi o ka botlolong ha dipidisi di tshetswe ka hara setshelo sa lebokoso./Botlolo e a tjhwatleha,ha lebokoso le sa tjhwatlehe.
E thusa ho hula marothodi a tlo rothisetswang molomong wa lesea./Ke ho nwesa ngwana wa lesea moriana.
Tjhe hobane di ngotswe hore di a hlafunwa.
Batswadi/bomme/batswetse/baoki/manese/dingaka.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Palo ya bana ba fumanwang mebileng e ntse e eketseha.
Mabaka a mangata a bakang hoo (bofutsana, dithethefatsi, bokgutsana le tse ding).
Ba se fuwe tjhelete kapa dijo.
Ba iphetotse bakopi.
Ba shwella moo.
Ke makgoba a tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi le tse ding.
Ha ba a lokela ho tloswa mebileng moo ka kgang.
Ela hloko: Motshwayi a hlokomele hore hona ke tataiso feela, mme dintlha tsa mohlahlobuwa di lekolwe ka hloko.
Palo ya mantswe = 57
Kabo ya matshwao: 1. Matshwao a dintlha tse supileng
Tshebediso ya puo
Ho se fokotswe letshwao le leng matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
Sebopeho seo mohlahlobuwa a ngotseng ka sona a se nkele matshwao, ha a ngotse ka dintlha kapa seratswana.
Mohlahlobuwa a se tingwe matshwao bakeng sa ho se sebedise mantswe a hae.
Puo
ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 1 - 3, a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 4 - 5, a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 6 - 7, a abelwe matshwao a 3 bakeng sa puo.
Kgutsufatso e telele, e fetang ka mantswe a 5, se tswele pele ho e tshwaya;
Kgutsufatso e kgutshwane empa e fupere dintlha tse hlokehang e tshwauwe, mme mohlahlobuwa a se nehwe kotlo;
Tshebediso ya puo e nang le diphoso (tshebediso e fosahetseng ya puo, ya mopeleto le ya matshwao puo) ho fokotswe matshwao ka tsela ena:
diphoso tse 0 - 4
ho se nkuwe matshwao diphoso tse 5 - 10
ho fokotswe letshwao le 1
diphoso tse 11 - 15
ho fokotswe matshwao a 2
diphoso tse 16 le ho feta ho fokotswe matshwao a 3
Bakeng sa ho qotsa le ho sebedisa dipolelo tse feletseng jwalo kaha di le jwalo ho tswa temeng, mohlahlobuwa a fokoletswe matshwaong ohle a a fumaneng ka tsela ena:
dipolelo tse 0 - 3
ho se nkuwe matshwao dipolelo tse 4 - 5
ho fokotswe letshwao le 1
dipolelo tse 6 - 7
ho fokotswe matshwao a 2
Ha motshwayi a tshwaya, a bontshe diphoso (tsa puo,mopeleto, ho arohanngwa/ho kopanngwa ha mantswe) tse entsweng ke mohlahluobuwa ka ho di sehella mola ka tlase. Ha mohlahlobuwa a nepile, motshwayi a bontshe ka ho etsa letshwao la ho nepa (v), mme ha a fositse a bontshe ka sekere (X).
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Qetellong, ha motshwayi a se a tshwaile a bontshe kabo ya matshwao ka ho sebedisa sekala sena se latelang:
Dintlha tse tadingwang
Matshwao
Senotlolo
Dintlha
Tshebediso ya puo
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
fariki ntja
Relebohile o batla ho tsamaya le bona.
Ke bona eka o se a hlanya.
Hona ke qaleho/qetelo/pheletso ya moreronyana wa rona wa ho iphetetsa.
Sutu e ne e fifetse ke mobunyana le tse tswang ka maleng.
qetelo lebala
Mokgopi wa ema wa opa diatla ha mopresidente a kena ka holong.
Le bona ba tla tjhabelwa ke le jwalo.
Ditaba di tsejwa ke nna etswe le lebitso la ka le mpaka jwalo.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ba ne ba le teng mokgoping oo.
Ha motho eo a ya lefung o ela ho ya tshedisa ba hlahetsweng ke tse hlomolang.
B = Bohle re etsa diphoso, ha ho motho ya phethahetseng.
ba di
Na Raditaba le Tjhotjholosa ba ile ba theohela ka lengopeng?
Ba tla boela ba hasana ka ditsheho.
Thabo le Katleho ke bashanyana ba ithatang haholo.
Ke ne ke etetse ha malome Gauteng.
Hobaneng o sa fihla ka nako kerekeng?
Hobaneng o mpotsa?
Moeti wa rona o tla fihla hona jwale.
Ha ho na aterese ya mongodi
Letsatsi le dutse tulong e fosahetseng
Karabo e le nngwe feela. Motshwayi a hlokomele dikarabo tse ding tsa mohlahlobuwa tse arabang potso
Ka boikokobetso
M M Molefe
Motswadi.
Ho sitiseha ha dithuto sekolong (Karabo e nngwe le e nngwe e utlwahalang e tla amohelwa).
Ntsebise ka potlako pele ke tla moo ke tlo o shapa.
Ka tlasa lebitso ho ngolwe maemo a moamohedi wa lengolo kapa ditlhaku tse qalang mabitso a hae.
Bomme
E - Ha ho moo ho thweng ba se ke ba reka.
KAPA
Tjhe - Ditaba di mema bomme feela.
Moithuti a ka fana ka karabo e le nngwe
Theko ya dijo e phahame hoo o ke keng wa fepa ba lelapa kaofela ka R10,00.
Motshwayi a ele hloko hore mohlahlobuwa a ka re E, mme a tshehetse ka lebaka le utlwahalang
Ke mohopolotaba. Ho ntse ho na le mabankele a mang ao batho ba ka rekang ho ona. Mona Bataung Traders ba mpa ba bapatsa tshebeletso eo ba fanang ka yona feela.
Fepang ba malapa a lona ka R10,00 feela.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
POTSO YA 4
NALENG TSA PHAKWE
Nkokoto
Diketsahalo tsa buka di itshetlehile ho yena./Ke yena mophetwa ya buang taba tsena
Terene
Katlehong
MPHO E MAKATSANG
O ne a letsetsa mosuwe wa thuto eo ho botsisisa.
O ne a mo lemosa hore o tshwanela hoba le sepheo nthong eo a e etsang.
O ile a bona ntatae a rothisa dikeledi.
Ramolao wa Tlaleho.
KAPA
POTSO YA 5
HOBANENG MME
Ponto
Mmae o ne a sebetsa mme Molahlehi a hloka mohlokomedi.
Ho ne ho hlekelwa Makgowa.
O ne a sa tshwara bukana ya boitsebiso.
Tse nne
Mosadi wa Molahlehi.
Mosuwe Tlotliso
Tjhe Baithuti ha ba hlomphe mosuwe ya jwalo.
Thutokeletso
Ho tlo inwesa ka nkgo ka maemo a tswileng taolong a thuto.
O lokela ho tiisa letsoho kgalemelong.
A tsekisana botlolo ya jwala le moithuti.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
